ipelengranchomoop :
THAPELO HO NGOANA JESU OA PRAGUE
Oho Ngoana JESU ea etsang mehlolo, kaho tsepa leho lumela hore ha u rata u ka nthusa, kea u rapela hle, a ko ntalime ka mahlo a tletseng mohau leha kele moetsalibe, tsietsing ea ka e nyahamisang ea masisapelo, e sa mpheng khotso 'meleng le moeeng. Kea u rapela hle ako etse hore pelo e bonolo e boikokobetso ea hao, e mpe nkutloele bohloko, e nkhauhele 'me e arabe thapelo ena eo ka eona ke qelang grasia le li thuso tsa hau nthong tsena
(bolela tseo oli kopang mona)
Eleng tsona tseo keli kopang ka ts' epo e kholo ho uena, oho Ngoana JESU, uena ea etsang mehlolo e phakisang, 'me e potlakelang ba maqakabetsing a ' mele lea moea.
Oa tseba kantle ho uena ke sitoa ho etsa letho. Kea u rapela hle, mpebofaletse mahloko, bobisa sefutho sa meleko e nts'eohetseng, ntsose molota kaho nkekeletsa tumelo, ts'epo le lerato, esere matlokotsi le bomalimabe tse nkapereng ba 'nyahamisa pelo ka khathala matla. Ka bongoana bo adorehang ba hau, kea u rapela ako utloe thapelo eaka mme o mphe seo keo kopang sona, hore ketle keo rorise ka sona, keo hlonephe mme ke sebeletse uena 'moho le Ntate le Moea o Halalelang ka mehla le mehla. Amen.
Ngoana JESU, Uena ea etsang mehlolo-
U re hauhele rona bao ts'epang.
Ngoana JESU oa Prague -
Ure utloele bohloko litsietsing tsa rona
JESU ea mosa ea mohau-
U re sitse ka tseo reli hlokang.
2026-04-29 06:13:28