@pabieseseli: Part 15 of 40 - Catholic Content in Eastertime. Difela tsa Bakriste - Sefela 32 Ke cheseho verse 1 - 6 verse 1 ere: Ke cheseho e makatsang Eo ke e utloang fubeng sa ka Ruri Molimo ea phelang Kajeno o tlile ka ho ‘na verse 2 ere: Jesu o etsa mohlolo Bakeng sa batho ba lefatshe O ba fa lehlohonolo Le fetisang ‘me le monate verse 3 ere: Mokriste o ithabela Ka Morena oa leholimo Hobane o tla ho eena A tlisa khotso le nyakallo verse 4 ere: Ruri ke taba ea ‘nete Ha se setshoantsho le khopolo Che, ke eena ka sebele Ea tling ho ‘na ka lerato verse 5 ere: U se ke ua belaela Uena mokriste oa sebele U tshoanetse ho lumela Hobane ke Jesu ‘Moloki verse 6 ere: Utloa Jesu o ntse a re Bohobe bo ke mmele oa ka Ha a bua la bobedi O re: Veine ke madi a ka #fyp #catholic #catholictiktok #catholicchurch #holycommunion